NO ya 50A
E HLOPHISITSWE KE : A BALLI
KGATISO YA : 2004
Ho se be le karolo ya tokomane ena e ka hlahiswang hape kapa ya fetiswa ka sebopeho sefe kapa sefe kapa ka mokgwa ofe kapa ofe ka ntle ho hore ho kotjwe tumello e ngotsweng
SESUPO
DIKAHARE LEQEPHE
SELELEKELA
MOTHEO WA MEHOPOLO
Bopaki
Thepa ya Bopaki
Ngangisano
Dintlha tsa taba
Dintlha tse tsamaelanang le dintlha tsa taba
Bopaki ba motheo
Bopaki bo Latelang
Bopaki bo ka hlahiswang lekgotleng ho fana ka mabaka (Prima Facie)
Teko ya Qeto
Bopaki bo ka Thoko
Bopaki bo tobaneng le Taba
Kamohelo
Ho lokela
Tumello
Dikamohelo tsa Molao le Tseo e seng tsa Molao
Boipolelo
Kamohelo ka Molao
Ditekanyetso
Mosebetsi wa ho batlisisa nnete le Mosebetsi wa Bopaki
MEHOPOLO YA MOTHEO MOLAONG WA BOPAKI
SELELEKELA
Molao wa Bopaki ke sesebediswa se hlokehang haholo mabapi le motho ya batlang ho sebetsa ka molao. Hore o tle o tsebe ho sebedisa sebetsa sena ka bokgoni le ka ho phethahala, ho a hlokeha hore motho a be le kutlwisiso ya mehopolo e itseng ya motheo eo ho buuwang ka yona kgafetsa ke bangodi diphatlalatsong ka Molao wa Bopaki.
Sepheo sa tokomane ena ke ho lokisetsa le ho tsebisa batho hore ba hlwaye le ho tseba mehopolo ya motheo Molaong wa Bopaki, le ho ba thusa ka motheo o tla etsa hore ba sebedise Molao wa bopaki kaofela ha ona.
MEHOPOLO YA MOTHEO
Bopaki
Bopaki bo kenyeletsa tsebiso e tekelwang lekgotla ho thusa lekgotla ho etsa qeto ka mabaka a taba.
Thepa ya Bopaki
Ka thepa ya bopaki ho buuwa ka thepa yohle e ka sebediswang e le bopaki lekgotleng.
Molao wa Bopaki o mabapi le ho hlahisa mabaka le ho laola ka moo mabaka a ka lekolwang ka teng. Mabaka a ka lekolwa ka ho sebedisa mekgwa e fapaneng ya dintlha tsa bopaki.
Dintlha tsa bopaki di bopilwe ka :
Ho bua, Tokomane kapa Bopaki ba Nnete
Kamohelo ya Molao le eo e seng ya Molao le Boipolelo
Tsebiso ya Molao
Setshwantsho se fana ka pontsho e hlakileng ya makala a fapaneng a molao; se bontsha hore ke lekala lefe la Molao wa Bopaki le ka tlasa tlhaloso ya Molao wa Bopaki le bontsha hore Molao wa Bopaki o na le eng.
MOLAO
Molao wa ho hlahisa Bopaki Molao wa Tsamaiso
Molao wa Botlokotsebe) (Tsamaiso ya Molao wa Botlokotsebe; Molao wa Bopaki
MOLAO WA BOPAKI
BOPAKI BA DINTLHA KA
THEPA YA BOPAKI
Bopaki Tlhahiso tse Tlwaelehileng Tsebiso ya Molao Ditekanyetso
Boipolelo
Ngangisano
Ngangisano ya mmuso le ba sireletsang ha e bake bopaki, empa e na le molemo feela wa ho tataisa ngangisano. E kenyeletsa mehopolo le ditshisinyo tse sebedisetswang ho tiisa ntlha ya molao kapa dintlha, mme e sebedisetswa ho kgodisa lekgotla ho etsa qeto e itseng.
Pele kahlolo e dihuwa mahlakore ka bobedi a na le monyetla wa ho hlahisa kgang ya ho qetela e mabapi le bopaki boo ho fanweng ka bona nyeweng.
Dintlha tsa Taba eo ho buuwang ka yona
Dintlha tabeng ke dintlha tseo mahlakore ka bobedi a tlamehang ho fana ka bopaki hore ba atlehe nyeweng ya bona.
Dintlha tse tsamaelanang le dintlha tsa taba eo ho buuwang ka yona
Dintlha tse lekang ho lekola kapa tse hananang le dintlha tsa taba eo ho buuwang ka yona.
Mohlala: Nyeweng eo e leng hore ho buuwa ka ntate wa ngwana, boitsebiso ba ntate e tla ba taba eo ho buuwang ka yona, mme thobalano le ntate e tla ba ntlha e tsamaelanang le taba eo ho buuwang ka yona.
Bopaki ba Motheo
Bopaki ba motheo bo hlalosa hore ke bopaki bo matla kapa bo seng matla bo teng.
Bopaki bo Latelang
Bopaki bo latelang bo hlalosa hore bopaki ba botle bo teng kapa bo bile teng.
Tokomane ya motheo e amohelwa e le bopaki ba motheo,empa dikgatiso tsona ke bopaki bo latelang.
Bopaki bo ka hlahiswang lekgotleng ho fana ka mabaka (Prima Facie)
Lentswe prima facie ke polelwana ya Selatini e hlalosang ?ho hlaha lekgetlo la pele?. Polelwana prima facie molaong e hlalosa hore bopaki bo teketsweng lekgotla bo lekane hore bo ka ba le dintlha kapa nyewe ka ntle ha eba ho ka hananwa le bona.
Ha eba ho se na mabaka a hananang le dintlha tseo, prima facie e tla ba mabaka a amohelwang ka bo ona.
Bopaki ba ho Qetela
Bopaki ba ho qetela bo hlalosa mabaka a qetellang ao ho ke keng ha hananwa le ona ka mabaka afe kapa afe a kgahlanong le ona.
Bopaki bo ka Thoko
Bopaki bo thoko ke bo sa tobang taba eo ho buuwang ka yona.
Mohlala: Nyeweng ya polao, ho ka fanwa ka bopaki ba hore A o ne a e na le sepheo sa ho bolaya B, mme a o ile a bonwa a baleha ho tswa tlung ya B ka thipa e nang le madi.
X o fana ka bopaki ba hore o utlwile dikgalase di thubeha, o ile a hetla, mme a bona Y a eme ka pela fenstere ya Z e tjhwatlehileng a tshwere lejwe.
Bopaki bo tobaneng le Taba
Bopaki bo tobileng ke bopaki ba seo paki e se boneng
Mohlala: Nyeweng ya polao, C o fana ka bopaki ba hore o ne a eme ka ntle fenstereng ya ntlo ya B, mme e bona A a hlaba B.
Kamohelo
Kamohelo e hlalosa feela ho amohela bopaki, ha ho na hore e tla amohelwa e le kae. Kamohelo e a amohelwa kapa e qhellwa thoko. Hore na bopaki bo a amohelwa ho itshetlehile hodima hore e loketse le hore ho amohelwa ha yona ho tla baka ho belaela moqosuwa.
Kamohelo ka Mabaka
Ho amohela bopaki ho ya ka mabaka a kgotsofatsang qetellong ya nyewe. Ha mabaka a sa kgotsofatse, bopaki ha bo qhellwa thoko.
Lekgotla le amohetse hore tokomane e ka sebediswa ho hlomeng dipotso le ha e le ya nnete, empa e hanwa ke ba lehlakore le hananang le le leng. Ke ka mora hoba mmuso e qetelle nyewe ya yona ebe ba sireletsang ba ba le monyetla wa ho tekela bopaki ba bona ka bonnete ba tokomane. Ha ho sa lekolwa bonnete boo, bopaki bofe kapa bofe bo hlahang ka lebaka la ho hloma dipotso lekgotla le bo qhelele thoko.
Ho lokela
Ho etsa qeto ka ho lokela ha mabaka, lekgotla le tlameha ho nahana hore ebe bopaki bo teketsweng lekgotla bo tsamaelana le taba eo ho buuwang ka yona.
Tumello
Tumello ke tokelo e batlwang ke paki kapa wa lehlakore le leng hore a se ke a hlahisa bopaki lekgotleng. Ho na le mefuta e mmedi ya Tumello: Tumello ya Motho a le Mong le Tumello ya Mmuso.
Dikamohelo tsa Molao le Tseo e seng tsa Molao
Dikamohelo tsa Molao
Dikamohelo tsa molao ke dikamohelo tse etswang lekgotleng tse bakang bopaki ba ho qetela, mme ho ke ke ha hananwa le bona kapa ba hulwa ka ntle ha eba ditlhoko tse ding di phethilwe.
Dikamohelo Tseo e seng tsa Molao
Dikamohelo tseo e seng tsa molao ke dikamohelo tse entsweng ka ntle ho lekgotla tse ka hlaloswang kapa ha hananwa le tsona.
Boipolelo
Boipolelo ke ha moqosuwa a amohela molato ka hohlehohle, ke hore ha bo etswa lekgotleng, bo tla amohelwa e le ho Ipona Molato.
Kamohelo ka Molao
Kamohelo ka molao ke ha lekgotla le amohela mabaka a akaretsang le a fumanweng ha ho ntse ho ngangisanwa e le bopaki bo sa kang ba hlahlojwa ka ho batlisisa bopaki boo.
Ditekanyetso
Ho lekanyetsa ke qeto e bang teng ho ya ka mabaka a itseng a tshetlehilweng hodima molao.
Ho na le mefuta e meraro ya ditekanyetso:
Tekanyetso ya Mabaka
Tekanyetso ya Molao
Ditekanyetso tsa Molao tse ke keng tsa hanwa
Mosebetsi wa ho batlisisa nnete le Mosebetsi wa Bopaki
Mosebetsi wa ho batlisisa nnete
Mosebetsi wa ho batlisisa nnete o hlalosa tshwanelo ya lehlakore le leng ho batlisisa nnete nyeweng ya yona ka ntle ho hore ho ka ba le pelaelo. Molaong wa rona wa bosenyi ho batlisisa nnete ho itshetlehile hodima botjhotjhisi.
Mosebetsi wa Bopaki
Mosebetsi wa Bopaki o hlalosa tshwanelo ya ka lehlakoreng le leng ho bontsha bopaki bo kgotsofatsang ho thusa lekgotla ho mema lehlakore le leng ho araba ho fana ka bopaki bo kgotsofatsang ho ba kgahlanong le nyewe ya prima facie e entsweng ke lehlakore le kgahlanong le le leng.
